sotho - FCCA

Anuncio
ileng ho Modimo kateng ka tsela e fetang le lefung (Baroma
4:25). Jwale Morena o re ho wena: “Mme le tle, re lokise
ditaba. Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu jwaloka krimsone,
di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu jwaloka
sekareleta, di tla ba tshweu jwaloka boya ba nku” (Esaia
1:18).
Re boelanngwa le Modimo ka Kreste ha re mo amohela e
le Molopolli wa rona.
Hona ho bolela hore re mo tshepe a tle a lokise taba
ya rona pela Modimo.
Mme jwale?
Jwale o se o neile Modimo bophelo ba hao, ha o sa le wa hao
– o ngwana wa Modimo, hobane re bala jwalo Bibeleng:
“Empa ho bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ya ho
ba bana ba Modimo” (Johanne 1:12). Ka mantswe a mang:
Bohle ba amohetseng Morena Jesu ka tumelo ya nnete, bona
ke bana ba Modimo.
Na jwale ha o sa tla hlola o etsa dibe? Tjhe, empa sebe se
ke ke sa hlola sa o natefela. Ha o sa tla hlola o rata ho
etsa sebe. O tla lakatsa ho mamela Ntate, kahobane o mo
rata. O ka bala seo moapostola Johanne a se ngoletseng
Bakreste ho 1 Johanne 2:1-6.
Jwaloka ngwana wa Modimo, o tla rata bana ba bang ba
Ntatao (1 Johanne 5:1,2). Ka baka leo o ke ke wa ngala
dikopano tsa bana ba Modimo (Baheberu 10:25).
Hape, jwaloka ngwana wa hae, o tla hola tumelong, le
leratong, le matleng, le tsebong ka ho ja dijo tsa semoya,
e leng Lentswe la Modimo (Baheberu 5:12-14; 1 Petrose
2:2,3).
Ha o thabetse molaetsa ona ruri, o ke ke wa thola ka wona.
O tla tshwana le Petrose ya itseng: “Hobane haele rona, ha
ho kamoo re ka lesang ho bolela kateng, tseo re di boneng
le tseo re di utlwileng…” (Diketso 4:20). © Christian Literature Fund
Private Bag X19 Wellington 7654
(021 873 6964 6 021 864 3678
[email protected] 7www.clf.co.za
SOT223
MOLAETSA WA
THABO
O sa le motjha. Ka nako e nngwe o phela haboima, hobane
bohle ha ba o utlwisise.
Ka nako e nngwe o nahana hore ha ho motho ya o ratang
O sa le motjha, empa ka nako e nngwe o etsa dintho tse sa
lokang.
O entse sebe. Dibe tse ding di a pepeseha. Ebe o a otlwa.
Ha ho motho ya tsebang dibe tse ding tsa hao, tseo o di
etsang. Ya tsebang tsohle o teng
Empa leha ho se motho ya tsebang dibe tsohle tsa hao, ho na
le e mong ya di tsebang.
Leha ho se ya o ratang, ho teng e mong ya o ratang.
Ke Modimo.
O o ratile hakalo, hoo a sa kang a rata hore o tsamaye tseleng
ena ya sebe nako e telele. Ke tsela e sa lokang le e fosahetseng.
Ha o phehelletse ho tsamaya ka yona, o tla fihla sebakeng se
sebe haholo, e leng diheleng. Ke hona moo, moo motho
a yang ho lefela dibe tsohle tsa hae. Ena ke tsela ya lefu,
hobane “moputso wa sebe ke lefu” (Baroma 3:23).
Empa ho teng tsela e nngwe hape:
Tsela ya bophelo
Bibele e bua hape le ka tsela e nngwe ho Baroma 6:23: “…
empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng ka
Jesu Kreste Morena wa rona.”
Tsela ya bophelo e isa ho Modimo
O re: Le nna ke batla ho ya ho Modimo, empa ke tla ya
jwang? Tsela e yang ho Modimo e tsamaya jwang? Ke e
fumana jwang? Bibele e o bontsha tsela ena:
“Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo o bile wa le nea
mora wa oona ya tswetsweng a nnotsi; hore e mong le e
mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le
bophelo bo sa feleng” (Johanne 3:16).
Ke ka baka leo Jesu, Mora wa Modimo ka sebele sa hae, a
reng: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka
tlang ho Ntate, ha e se ka nna” (Johanne 14:6). Jesu ke tsela.
Yena ka sebele sa hae ke tsela e yang ho Modimo, tsela e
isang bophelong.
Ho fihla tseleng ena, o lokela ho tseba dintho tse nne:
1. O motho ya etsang sebe
O motho. Ha o le motho, ka tlhaho o batla ho etsa dintho
tse sa lokang – dintho tse sa lokang pela Modimo, tseo re
di bitsang sebe.
Hase kamoo Morena a e ratang kateng. Hase seo yena a
se etseditseng sona. O re entse hore re mo phelele, empa
jwale re phelela sebe, mme moputso wa sebe ke lefu
(Baroma 6:23). Ho phela sebeng ke ho phela ka thato ya
Diabolose.Yena ke mmolai wa batho, raleshano le mothetsi.
Ka ho phela sebeng, re ikisa lefung le kahlolong e sa feleng.
“Ke ntho e tshabehang ho wela matsohong a Modimo o
phelang” (Baheberu 10:31).
Hantlentle Morena ha a rate ha ba bang ba rona ba timele
empa hore re sokolohe (II Petrose 3:9).
2. O ke ke wa kgona ho ithusa
Wena o tshwanetse ho tseba hore o ke ke wa kgona ho
iphetola hore o be motho e mong.
O ke ke wa iketsa motho ya tsamayang tseleng e lokileng ka
bowena.
Hape ha ho motho e mong ya kgonang ho o fetola.
3. Ho teng ya ka o thusang
O tshwanetse ho tseba hore ho teng ya ka o thusang. O rata
ka nnete ho o thusa hore o phele jwalokaha Modimo a ratile
hore o phele ka mehla. A ka o thusa ho tsamaya tseleng e
isang bophelong.
O mong feela ya ka etsang hoo, hobane o se a o lefeletse dibe
tsa hao kgale. Kotlo eo wena o tswanetseng ho e fumana, e
fumanwe ke yena.
“Athe o hlabetswe dibe tsa rona, a tetekwa ka baka la
makgopo a rona; kotlo e re tlisetsang kgotso, e mo wetse
hodimo, mme re pholoswa ke maqeba a hae. Bohle re ne re
lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela
ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo ohle a rona”
(Esaia 53:5,6).
O entse tseo kahobane o o ratile, o o tsebile leha o no o eso
tswalwe. Hobane yena ke Mora wa Modimo, mme Modimo
o tseba tsohle.
4. O tshwanetse ho dumela ho Jesu Kreste
Ha ho a lekana ho tseba hore tsela e tsamaya jwang feela.
Jwale o tshwanetse ho tsamaya tseleng ena ka sebele sa
hao. O etsa jwalo ka tumelo le ka tshepo.
Jesu o re: “Ke nna tsela.”
Ke Mora wa Modimo ya ileng a tshwanela ho o tsamaela tsela
ya lefu, hore o tle o tsamaye tsela ya bophelo.
Batho ba mmolaile. Ho batlile ho feta matsatsi a mararo a
shwele. A hlola lefu mme a tsoha a tswa lebitleng. Ke kamoo a
Descargar