KANKERE YA TSHWELESA YA BOTONA KE MATSHWAO AFE A BONTSHANG KANKERE YA TSHWELESA YA BOTONA? Tshwelesa ya botona ke karolo ya mmele e fumanwang banneng feela. Tshwelesa ena e hlahisa lero la botona le lesweu le jarang le ho fepa peo ya botona. Kankere e hlaha tshweleseng ya botona mme e qetellong disele tsa kankere di ka namela ka ntle ho tshwelesa dikarolong tse ding tsa mmele. Hangata kankere ya tshwelesa ya botona e hola hannyane ka mokgwa o tswellang pele mme e ka nna ya se bontshe matshwao afe kapa afe. Matshwao a ka lekolwang ke ngaka a ka kenyeletsa le leng kapa la a mangata a latelang: Bladder Matshwao a lemosang e sa le ka nako Bothata ha o ntsha metsi Ho ntsha metsi kgafetsa, haholo-holo bosiu Bothata ha o batla ho ntsha metsi le ha o batla ho kgaotsa bakang bohloko bona. Le ha ho le jwalo, ho ikamahanya le ditataiso tse latelang, ho ka fokotsa tse ka o bakelang kotsi: Ho hlahlojwa selemo ka seng kamora dilemo tse 50 Ebang ho na le nalane ya bohloko bona lelapeng, o eletswa hore o etse dihlahlobo tsa kgafetsa kamora dilemo tse 40 Ja dijo tse mafura a mannyane le proteine ya diphoofolo e tlase. Hangata ho hola ha tshwelesa ya botona ha ho kotsi mme ho ka alafshwa ha bonolo Hangata matshwao ana a boletsweng ka hodimo a bakwa ke lethopa le hatellang peipi ya metsi (urethra) mme le sitise ho phalla ha metsi. Urethra Prostate Rectum Sperm Duct Penis Testicle Scrotum BOHLOKWA BA HO FUMANWA HA YONA KAPELE KE BOFE? Ho fumanwa ha kankere ya tshwelesa ya botona ka nako ho ntlafatsa menyetla ya kalafo e phethahetseng haholo. Ebang e sa alafshwe, disele tse tletseng kankere tse kahara tshwelesa ya botona di ka namela dikarolong tse ding tsa mmele. Diketsahalo tse ngata tsa kankere ya tshwelesa ya botona ha di bontshe matshwao qalong, feela a ka fumanwa ka tshebediso ya diteko tsa madi. Hlahlobo e lekanya ditekanyetso tsa PSA (mofuta wa proteine e entsweng ka disele tsa tshwelesa ya botona) - e lepa kgonahalo ya ho ba le kankere ya tshwelesa ya botona. Banna ba nang le ditekanyetso tse hodimo tsa PSA ba eletswa ho etsa 'biopsy' (sampole ya thishu tsa tshwelesa) ho lekola boteng ba disele tse nang le kankere. Kankere ya tshwelesa ya botona e sa ntseng e qala e boela e kgona ho fumanwa ka tlhahlobo ya mohlamu. Kalafo e kentse tsheho ya bongaka ho tlosa tshwelesa ya botona kapa kalafo ka tshebediso ya mahlasedi a seipone. Matshwao a tieho (kankere e kenelletseng) Madi morotong Bohloko kapa motjheso ha o ntsha metsi Matshwao afe kapa afe a ka hodimo ka kopanelo le bohloko tlase mokokotlong, hodingwana diropeng kapa nokeng. Kamehla bohloko bo tswellang ntle le tlhaloso bo hloka tlhahlobo ya bongaka DINTLHA TSE KA BAKANG KOTSI Le ha ho se motho ya tsebang hore ke sefe se bakang kankere ya tshwelesa ya botona, ho qollotswe dintlha tse latelang tse ka bakang kotsi: Keketseho ya dilemo (bongata ba 80% ya dikankere tsa tshwelesa ya botona di fumanwa banneng ba seng ba fetile dilemo tse 65) Nalane ya lelapa ya kankere ya tshwelesa ya botona Dijo tse tletseng mafura le proteine ya diphoofolo. MOKGWA WA HO FOKOTSA TSE KA BAKANG KOTSI Hobane sesosa sa nnete sa kankere ya tshwelesa ya botona se sa tsejwe, ha ho kgonahale hore ho tloswe tsohle tse MOO O KA FUMANANG THUSO TENG Mokgatlo wa Kankere wa Afrika Borwa (CANSA) o ka nehelana ka tlhahisoleseding mabapi le: Moo o ka fumanang thutso teng Kalafo le tshehetso Dintlha tse ka bakang kotsi, matshwao le ho fumanwa ha ho hong kapele. Ho fumana tse ngata ka kankere ya tshwelesa ya botona le kankere ya lekwalata, kapa mofuta ofe kapa ofe o mong wa kankere, letsetsa Mokgatlo wa Kankere wa Afrika Borwa nomorong e sa lefellweng ya mohala 0800 22 66 22, kapa o ngolle ho CANSA, P O Box 2121, Bedforview, 2008, kapa o etele websaete ena www.cansa.org.za KANKERE YA LEKWALATA KE ENG? Makwalata ke ditshwelesa tse pedi kahara mokotlana wa botona tse hlahisang lero la botona le dihomone. Kankere ya lekwalata ke lefu le tshwarang batjha mme hangata le fumanwa banneng ba dilemong tse pakeng tsa 15 le 40. E ke ke ya thibelwa, empa boitlhahlobo ba kamehla bo ka netefatsa hore e hlokomelwa kapele mme e alafshwe hobane kankere ya lekwalata ke e nngwe ya mafu a alafehang ebang a hlokometswe kapele. KE MANG YA KOTSING? Ba dilemong tse pakeng tsa 15 - 40 Hangata kankere ya lekwalata e fumanwa bathong ba dilemong tse pakeng tsa 15 le 40, le ha ka sewelo e fumanwa bashemaneng ba sa ntseng ba le dilemong tsa bohlankana le banneng ba seng ba fetile dilemo tse 40. Makwalata a hodimo Banna ba nang le makwalata a hodimo kapa a theohetseng tlase hannyane ba kotsing e kgolo ya ho ba le kankere ya lekwalata. Boemo bona bo lokela ho lokiswa ka tsheho ya bongaka dilemong tse tlase-tlase. Bohlankana ba pele ho nako Bashemane bao e bang bahlankana kapele ba kotsing e kgolwanyane ya ho ba le kankere ya lekwalata sena ka mohlomong se amana le maemo a dihomone. Nalane ya lelapa Banna ba nang le nalane ya kankere ya lekwalata lelapeng ba kotsing e kgolwanyane ya ho ba le lefu lena. Ntlha ya bohlokwa: Ho thulwa kapa ho otlwa makwalateng ho ke ke ha baka kankere MATSHWAO A TEMOSO Hangata letshwao la temoso ke ho hlaha ha lequthu le lennyane, le thata, le seng bohloko le boholo ba erekisi ka pele kapa lehlakoreng la lekwalata. Hangata ha ho letshwao le leng la kotsi la pele ho nako ntle le ho tiya ha lequthu le ho hola ha lona. Matshwao a mang a lokelang ho hlokomelwa: Ho utlwa “boima” lekwalateng Ho ruruha ha lekwalata Ho feto-fetoha ha lekwalata Pokello e tsometsang ya sephalli kapa madi kahara mokotlana wa botona Bohloko bo sa thabiseng nokeng Ho ruruha kapa bonojana dikarolong tse ding tsa mmele, tse kang noka, matswele kapa molala. Ka bomadimabe, hangata banna ha ba tsotelle matshwao ana a temoso ka tshepo ya hore a tla fela. Matshwao a ka hlahellang nakong eo kankere ya lekwalata e seng e totile a ka kenyeletsa ana: Bohloko mokokotlong le mpeng Ho theoha ha boima ba mmele Ho fellwa ke moya (ka lebaka la ho namela matshwafong) Dipudulwana tse ruruhileng (lymph nodes) Tshitiso ya moroto. E ALAFSHWA JWANG? Diteboho di lebiswe kalafong ya mehleng ena, bongata ba banna ba neng ba tshwerwe ke kankere ya lekwalata ba tswela pele ho iphelela maphelo a tlwaelehileng. Ka ha hangata ho ameha lekwalata le leng feela, ha ho be le phetoho tshebetsong ya tsa motabo. Ka kakaretso kalafo ke kopanelo ya tsheho ya bongaka le kapa kalafo ya mahlasedi (radiation) le kalafo ka dikhemikhale (chemotheraphy) ho itshetlehile mokgahlelong le mofuteng wa kankere. Kalafo ya kamehla bakeng la leqhutsu le belaetsang lekwalateng e qala ka tsheho ya bongaka ho tlosa lekwalata lohle le amehileng. Tsheho ena ya bongaka e nehelana ka tlhahlobo, e laole lethopa mme ha e ka etswa e sa le ka nako, e thibela kankere ho namela dithong tse ding tsa mmele. HOBANENG HA BOITLHAHLOBO BA LEKWALATA BO LE BOHLOKWA? Kankere ya lekwalata e alafshwa le ho fodiswa ha bonolo ha e ka fumanwa e sa le ka nako. Ha o ntse o etsa boitlhahlobo hangata, ho ya ho ntse ho ba bonolo mme ka hona o ka hlokomela diphetoho dife kapa dife e sa le ka nako. Ho bonolo ho etsa jwalo mme ha ho ditjeho tsa letho. Boitlhahlobo ba lekwalata bo lokela ho etswa neng? Kgwedi e nngwe le e nngwe haholo-holo kamora ho hlapa bateng ya metsi a futhumetseng kapa shawareng. Mofuthu o otlolla letlalo la mokotlana wa botona, mme ho be bonolo ho fumana sefe kapa sefe se sa tlwaelehang. Haeba o na le e nngwe ya matshwao ana, ikopanye le ngaka ya hao hang-hang. Kalafo ya kankere ya lekwalata le ha e se e jele setsi, e a sebetsa. Boitlhahlobo ba lekwalata bo lokela ho qala dilemong dife? Ho tloha dilemong tsa bohlankana ho isa dilemong tse 45. Mme ya nang le kankere ya matswele: Nalane ya kankere ya matswele ho mme wa monna kapa dikgaetseding tsa hae e eketsa kotsi ya hore a ka tshwarwa ke kankere ya lekwalata. EBE KANKERE YA LEKWALATA E FUMANWA JWANG MMELENG? Ke lokela ho batlana le eng? Phetoho efe kapa efe e sa tlwaelehang, haholo-holo lequthu (le boholo ba erekisi) ka pele kapa lehlakoreng la lekwalata, ho ruruha kapa ho tiya. Maquthu ana hangata ha a bohloko. Monono Ka mabaka a sa tsejweng, dikankere tse ngata di batla di fumaneha hangata bathong ba nonneng ho feta bathong ba sa nonang. Ngaka e tla lekola nalane ya hao ya bongaka mme e etse tlhahlobo mmeleng. A ka nna a etsa ditlhophiso tsa diteko tsa madi, tsa seipone (X-ray) kapa diteko tse ding ho fumana hore na ebe ke kankere le hore ha e a namela dikarolong tse ding tsa mmele na. Boitlhahlobo ba lekwalata bo lokela ho etswa jwang? Hlahloba lekwalata ka leng. Sebedisa diatla ka bobedi mme o thete lekwalata pakeng tsa menwana (menwana e mahareng) le monwana o motona. O tla utlwa karolo e tiileng kamorao ho lekwalata - Sena se bitswa 'epididymis' mme se tlwaelehile Pheta sena ka lekwalata le leng. Le ha ka tlwaelo lekwalata le leng le le boholwanyane ho feta le leng, kamehla hlokomela diphetoho dife kapa dife tse ka bang teng. Ema pela seipone ho lekola ho ruruha ha lekwalata kapa noka Haeba ke fumana ho hong ho sa tlwaelehang? Diphetoho ha di bolele hore ho na le kankere - e ka nna ya ba hore ke tshwaetso feela. Haeba ho se phetoho kamora ho sebedisa diantibayotiki nakong ya beke, o ka belaela lethopa. Ha kankere ya lekwalata e ka alafshwa e sa le ka nako, menyetla ya katleho ya kalafo e a ntlafala.